MATSHWAO: 70 NAKO: dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 21.
DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA
Bala hle dintlha tse hlahelang leqepheng lena ka hloko pele o qala ho ka araba dipotso.
O seke wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse theilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona selemong sena. Kamora moo o bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba.
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse NNE, e leng:
KAROLO YA A: Padi/Nobele KAROLO YA B: Tshwantshiso/Terama KAROLO YA C: Palekgutshwe KAROLO YA D: Dithothokiso 
O lokela ho araba dipotso tse PEDI kaofela. Dipotso (tseo tse pedi) di kgethwe dikarolong dife kapa dife tse PEDI tse fapaneng. Araba potso e le NNGWE mofuteng ka mong wa sengolwa ho e MMEDI eo o ithutileng yona selemong sena. Hlokomela hore matshwao a dipotso tse pedi tseo o di arabileng a etse mashome a supileng ha a kopanngwa.
Badisisa ditaelo TSOHLE tse hlahiswang qalehong ya karolo e nngwe le e nngwe ka hloko.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng LE LETJHA, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Mohlahlobuwa o eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: O lokela ho ngola karolo e nngwe le e nngwe bonyane metsotso e 60.
Dintlha tse hlahisitsweng leqepheng lena di tla thusa mohlahlobuwa ho kgetha dipotso tseo a lakatsang ho di araba ntle le ho qobelleha hore a bale pampiri kaofela.
KAROLO YA A: PADI/NOBELE Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
Padi ya 1 - Mahlale a kopane Lekwa Mofuta wa potso e telele 35
KAPA
Padi ya 1 - Mahlale a kopane Lekwa Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
KAPA
KAPA
Padi ya 2 - Bosweu ba Lehlwa Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
KAPA
Padi ya 3 - Sehlekehleke sa Deidro Mofuta wa potso e telele ya moqoqo 35
KAPA
Padi ya 3 - Sehlekehleke sa Deidro Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
Tshwantshiso ya 1 - Sefi Mofuta wa potso e telele 35
KAPA
Tshwantshiso ya 1 - Sefi Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE Araba potso EFE kapa EFE E LE NNGWE
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
Palekgutshwe ya 1 - Modia Mofuta wa potso e telele 35
KAPA
Palekgutshwe ya 2 - Modia Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 35
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO Araba dipotso tse DING LE TSE DING TSE PEDI
NOMORO YA POTSO MOFUTA WA POTSO MATSHWAO
Thothokiso ya 1 - Rakgadi o kae? Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
KAPA
Thothokiso ya 2 - Ha ke kope tshwarelo Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
KAPA
Thothokiso ya 3 - Kodiamalla Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
KAPA
Thothokiso ya 4 - Mmadiberwane Mofuta wa dipotso tse kgutshwane 17½
MATSHWAO KAOFELA A DIPOTSO TSE PEDI TSE LOKELANG HO ARAJWA: 70
Lenanenetefatso:
Sebedisa lenanenetefatso lena ho netefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang.
KAROLO YA NOMORO TSA DIPOTSO PALO YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA TSHWAYA (v)
A: PADI/NOBELE (Potso e telele (moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane) 1 - 6 1
KAPA
B: TSHWANTSHISO/TERAMA (Potso e telele (moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane) 7 - 8 1
KAPA
C: PALEKGUTSHWE (Potso e telele (moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane) 9 - 10 1
KAPA
D: DITHOTHOKISO (Potso e telele (moqoqo) KAPA dipotso tse kgutshwane tseo o ithutileng tsona) 11 - 14 1
PALO YOHLE YA DIPOTSO TSE LOKELANG HO ARAJWA 2
KAROLO YA A: PADI/NOBELE
ARABA POTSO YA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
Ho botsitswe dipotso tse tsheletseng karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena. POTSO YA 1: MAHLALE A KOPANE LEKWA (DN Katsie)
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka moralo wa buka e boletsweng ka hodimo o itshetlehile dintlheng tsena:
Tlhekelo
Kgolo/tharahano ya ditaba
Sehlohlolo [35]
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Ka hona he metswalle ke ile ka ithuta dintho tse ngata, jwalo ka ha o tla tloha o utlwa. Ho tsamayeng ha ka ke bile ka fihla motsaneng o mong tlase kwana, ka nqa tsa boPhiritona. Ba re ho o bitsa motsana oo, ba o tsebang, ha Ramoroko. Ho na le morena ya sa tswa shwa. Mohla a patwang ke ne ke le teng. Jwale ke ha le wena o se o ile wa hlokomela hore ke ramahlale, ke ne ke etse ka matla hore batho ba se lemohe boteng ba ka lefung leo. Tedu tsena ke ..."
Mophetwa enwa ya buang moo ke mang? 
Motswalle wa mophetwa eo o mo boletseng ho 2.1 yena ke mang? 
Hana mophetwa eo o mo boletseng ka hodimo ho 2.1 o ile a re ho mohatsa morena ke ngaka e hlahang kae? 
Mophetwa eo o mo boletseng ka hodimo ho 2.1, o itse mofumahadi a mo lefe bokae ho ya ka taelo ya mofu morena ditorong tsa hae? 
Hana baphetwa baa ba babedi, e mong le e mong o ne a tshwere eng eo a neng a batla ho e rekisa ka bonokwane? 
Sesosa sa kgohlano e dipakeng tsa metswalle ee e mmedi e ne e le sefe? A ke o se hlalose. 
Sepheo sa Sekgukguni sa ho lahla seeta se setjha ke sefe? 
Metswalle ee e mmedi e ne e dula kae? 
Se neng se belaetsa mofumahadi wa morena le matona a hae ka bongaka ba Mananyetsa ke sefe? 
Mophetwa eo ya buang mantswe aa o ne a ikgakantse jwang hore batho ba se lemohe boteng ba hae lefung lee? 
A ke o lokodise kapa o hlalose ka dintlha tse hlano maqheka ao metswalle ena e mmedi e ileng ya a sebedisa ho mohatsa morena hore e qetelle e iphumanetse tjhelete. 
Hlalosa mokgwa oo boMananyetsa ba neng ba tla o sebedisa ha ba buisana le morena ya ka lebitleng. 
KAPA
Diketso le dipuo tsa baphetwa hangata di re senolela botho ba bona. A ke o bapise mme o qoqe ka semelo sa baphetwa bana ba latelang. Tshehetsa ditaba tsa hao ka dintlha tse hlahellang paleng.
Lerato le Dineo [35]
KAPA
POTSO YA 4: BOSWEU BA LEHLW (Sello Moroe) Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Moo ke ntseng ke tsamaya jwalo, ka utlwa motho a sunya ho hong ka pokothong ya ka a ba a nyamela hang. Eitse ha ke ho ntsha, ka fumana hore ke lengolo; le le ka hare ho enfolopo. Ke ne ke thothomela, ke tshohile ntho eo ke sa e tsebeng. Ka tsamaya sebaka se sekgutshwanyane, yaba ke fihla moo ho neng ho se na batho teng, teng ka dula lejwaneng. Ka nka metsotso pele ke le bula, menahano ya ka ya farasa; ka nahana Lerato; empa a ka nkaraba ka pele tjee! Ha ke ntse ke nahana jwalo; ka le bula ke thothomela.
Ke ka pelo e bohloko ke o ngollang lengolo lena. Ke kopa hore o ikenye dieteng tsa ka ha o le bala; mme o tla utlwisisa kamoo ke ikutlwang ka teng. Ke kopa hore o se mpone jwalo ka motho ya fokolang, hoba tsena kaofela ke di etsa ka tlasa maikutlo ao ke lekileng empa ka hloleha ho a hlola. Hlomi ke o ngolla tjena ke o jwetsa hore ke a o rata, mme ke tiile. Nka thaba ho tseba hore le wena o ikutlwa feela jwalo. Ke a tseba hore pelo ya hao e ho mang; le ha re sa kopane jwalo ho ba ntho e le nngwe, ke dumela le ho tshepa hore ka tsatsi le leng re tla ba ntho e le nngwe, mme re arohanngwe ke lefu feela. Ke kopa hore o nahane ka ntho ena hantle. Sefe le sefe seo o nahanang ke le sona tseba hore ke tla dula ke o rata.
Dineo.
Ke ile ka ferekana, ka se ke ka utlwisisa hore ho etsahala eng. Ka dula moo ke lohotha ntho di hana ho fela. 'Empa ke mang ya tlisitseng lengolo lena? Empa o a tseba hore ke rata Lerato; Banna! ebe ho etsahala eng?
Ketso ee ya ho ngola lengolo e supa hore Dineo ke motho wa semelo se jwang? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. 
O ka re tjhadimo ya Basotho ke efe mabapi le ketso ee ya mongodi ya ho ipuella ho eo lengolo le lebisitsweng ho yena? 
Ke kgohlano ya mofuta ofe e hlahiswang ka ketso ee ya Dineo ya ho ngola lengolo lee? 
Bolela dintho tse nne tseo Hlomi a neng a lora a di etsa ha a e na le Lerato. 
Ditoro tsee tsa Hlomi di re senolela sefe ka botho ba hae ha ho tluwa ho tsa marato? Hlalosa ka dintlha tse tharo. 
Diketsahalo tsa pale ee ke tsa mehleng efe, ho ya ka kutlwisiso ya hao? Fana ka lebaka la karabo ya hao. 
Lerato o ne a eya kae ha a arohana le Hlomi mme lebaka e ne e le lefe? 
Ke kano efe eo Hlomi a ileng a e nka ha a arohana le Lerato? 
Bolela hore ke nnete kapa mafosisa hore Lerato le Hlomi ba ile ba kgaohana ka lebaka la Dineo? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. 
KAPA
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka moralo wa buka e boletsweng ka hodimo o itshetlehile dintlheng tsena:
Tlhekelo
Kgolo/tharahano ya ditaba
Sehlohlolo[35]
KAPA
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Chikano a phahama moo a neng a ipatile teng, empa pelo ya hae ya phaka ho etsa hlohlodingwane ha banna ba babedi ba tshwereng dithunya ba ipetsetsa ka tlong. Le ha ho le jwalo, monna ya neng a le ka pele a emisa kulo ya Chikano ka hlooho ya hae e kgolo, hlooho ya ba ya pshatleha, a ya wela fatshe jwalo ka ntho e wang hodimo. Monna wa bobedi a re o phahamisa sethunya, empa a iphumana a se a etsa tantshi ha dikulo tse tswang sethunyeng sa Chikano di mo tabolaka. Tantshinyana ena ya motho enwa wa batho ya fela ka pele ha Chikano a mo betsa ka tholwana pakeng tsa mahlo, le teng e le tholwana eo Chikano a e betsitseng ka lonya le leholo ha a hopola lefu le sehloho la Amanda. Eitse hoba monna wa bobedi a we, Chikano a hopola moo koloi ya hae e leng teng, mme a re feela photse!'
Mokgatlo wa boBiala o ne o bitswa ka lebitso lefe? 
Lebaka le neng le etse hore mopresidente Ispia Monnafeela a kwetelwe ke lefe? Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Ditaba tse hlahiswang sengolweng see di etsahalla tikolohong efe? 
Hlalosa mokgwa oo bakwetedi ba Ispia ba ileng ba kena ka wona hoteleng eo a neng a le ho yona. 
Faele eo Chikano a e nehilweng ke Zero e ne e nehelana ka lesedi lefe le neng le amana le batho bafe ba babedi? 
Zero 
Hlalosa kamoo kgohlano e hlahellang ka teng dipakeng tsa baphetwa bana ba latelang:
Bobedi ba kgohlano tseo o di boletseng karabong ya hao e ho 6.10 ka hodimo ke tsa mofuta ofe? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. 
Ke ketsahalo efe e ileng ya pholosa Chikano mohla Ruth a neng a mo thunya? 
Ho ne ho etsahale eng ka mopresidente Gaofetoge le monghadi Dlamini? 
MATSHAWAO OHLE A KAROLO YA A: 35 KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA
ARABA POTSO YA BUKA EO O ITHUTILENG YONA FEELA KAROLONG ENA.
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng bukeng e le NNGWE eo o ithutileng yona selemong sena. Araba POTSO ya 7 KAPA POTSO ya 8.
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka ditaba tsa terama/tshwantshiso ena o itshetlehile ka dintlha tsena tse latelang:
Kgolo le tharahano ya ditaba
Sehlohlolo [35]
KAPA
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Mankepe: O nahana hore ke mang yena? O hlabile ka lenaka fatshe.
Tshotleho ha e re etele bohle. Ba itse ba leka ho o besa ba polela ka thoko ho seotlo. (A tsheha hape) Tepo ya sekgo e kgaohile mme ke seo se ratlana fatshe. Hlooho ya hae ke eo e feletse ka hara botlolo. Ba sele ba sa tsebe hore nonyana e ahela ka tshiba tsa e nngwe. Ba morao sa mangole a kgoho.
Ba itshwanela hantle le terene e fihlang ka mora nako mehla ena. Ba tla swaba. (A tsheha hape.)
Raboditse: Hao kgomohadi, ebe ke eng ha hlathe e lelekisa tsebe? Kapa o lonngwe ke mokgodutswane ke tsebe? Ke re o mametse
Nqhetsolele seyalemoyeng, empa ke hlokometse e se nako ya yona ena. O tswekerehile keng na nnyeo, ha o tsheha hore mohlahare o hlahe kaofela?
Mankepe: Dula fatshe mona ntate ke o bolelle. O monna hara banna, o tshiya di le teng, o qhoku monna ka diqhoku di batalletse, o sefika Raboditse, o saballetse. Ruri ke tla o lebala makgaba a kgahletse. Badimo ba mphile ka letsohong ka nnete. Ha ho monna ya tjhatsi jwalo ka wena naheng ena. O senatla, monna wa makgonthe.
Raboditse:Ha se bohlale ba ka boo, ke bohlale bo tswang ho baholo ba ithoballetseng esita le ho morena ya okametseng bohle (A kgutsa). O a bona ha o bua ka mofufutso wa phatla tsa rona tjena ka baka la hae. Ha o bua ka tema eo hore ke o bolaye ke o qetelle kwana. Le majakane eo taba a a e dumela.
Moko wa ditaba o hlahisitswe ka tsela efe ho tsee tse latelang? Kgetha karabo enepahetseng ka ho fetisisa ho tsena tse latelang, mme o be o tshehetse kgethoya hao ka lebaka:
A E totobetseng B E siretseng C E akanyang D E potolohang 
Ke tlwaelo efe e mpe eo lelapa la ha Raboditse le neng le na le yona? 
Kgohlano e neng e le pakeng tsa Raboditse le Motaung ke ya mofuta ofe? Hobaneng ha o realo? 
Sesosa e ne e le sefe se neng se etsa hore lelapa la Raboditse le se utlwane le lelapa la Motaung? 
Ke sebapadi sefe se neng se hlohlelleditse qabang lapeng la Raboditse le lapeng la Motaung? 
Na o ka re sebapadi see seo o se boletseng karabong ya hao e ka hodimo (ho 8.2.3), se wela lehlakoreng la bobe kapa la botle, mme hobaneng ha o realo? 
Puo ya Basotho e teng e reng 'bitsolebe ke seromo' hape ho boetse ho na le enngwe e reng 'bitsoletle ke thoris'. Hlalosa hore le leng le le leng la mabitso alatelang le wela mokgeng ofe (ho e boletsweng ka hodimo) mme o tshehetsekgetho eo ya hao ka lebaka le itshetlehileng ditabeng tsa tshwantshiso ena.
Tiisetso
Kgathatso 
Basotho ba re 'E bona mahe leraba ha e le bone'. Hlalosa bonnete ba maele ana o ipapisitse le diketso tsa Motaung tshwantshisong ena. 
O ka re ke sefe seo Mmankepe a se bolelang ka mantswe aa, 'Tepo ya sekgo e kgaohile mme ke seo se ratlana fatshe'? Hlalosa o ipapisitse le ditaba tsa tshwantshiso ena. 
Ke sefe seo Nkepe a neng a se kgothalletsa Tiisetso ho se etsa. 
Seo Raboditse a se bolelang ke sefe ha a re, 'Hao kgomohadi, ebe ke eng ha hlathe e lelekisa tsebe? Kapa o lonngwe ke mokgodutswane ke tsebe? Ke re o mametse Nqhetsolele seyalemoyeng, ...'? 
Ka mantswe a hao hlalosa hore o ka re molaetsa wa tshwantshiso ena ke ofe? [35]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 35
KAROLO YA C: PALEKGUTSHWE
Ho botsitswe dipotso tse PEDI karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le NNGWE e itshetlehileng palekgutshweng e le NNGWE eo o ithuteng yona selemong sena. Araba POTSO ya 9 KAPA POTSO ya 10.
Ka bolelele ba mantswe a ka bang 250 - 300 qoqa ka poloto ya palekgutshwe ena 'Tsietsi e latela tshotleho', o itshetlehile ka diketsahalo tsa pale ka tlasa dihlooho tse latelang:
Selelekela/tlhekelo
Kgolo ya ditaba
Tharahano
Sehlohlolo
Tharollo/phethelo/qetelo [35]
KAPA
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
KE NE KE SA KGOLWE
Mosadimoholo Madiepollo a dula a itlaleha lehlaba le mo nkileng dilemo tse ngata le hana ho fola. Lehlaba lena le ne le etsa hore e be esale a sekame moalong wa hae mane motsheo. Ka letsatsi le leng Makatikati e leng mora a le mong feela wa Madiepollo a re balakatha! Hoja a ne a sa lebellwa, ka ha e ne e le dilemo tse balwang ka mashome e sa le a kgolwa. Batho ba bangata ba ne ba se ba mo tetse ka kgopolo ya ho re o se ne a ye boyabatho. Eka Makatikati o tena a etla tjena ka lebaka la hobane o ne a ile a teane le ya ileng a mo bolella ka bophelo bo fokolang ba mosadimoholo.
Mosadimoholo Madiepollo a se kgitla habohloko habedi hararo yaba o a thola. Ho ile ha ba le kgutso ka ha o ne a se a sa bokolle empa ha e le marameng a hae dikeledi tsa nna tsa keleketla marameng a hae ho ya ho ile. Dikeledi tsena e ne e le yona meokgo ya thabo hantle. Yare bohle ba sa maketse ba utlwa mosadimoholo a se a re: "Modimo wa ka, Modimo o re bopileng, Ke a o leboha ntate ha e le mona o nkopanya le bana ba ka diphateng tse tjhesang. Haholoholo ke o leboha ha e le mona o kgutliseditse mora wa ka Makatikati hae." Ha mosadimoholo a qeta ho bua puo ena ya hae eo ho neng ho bonahala hore ke thapelo, a shebela ka lehlakoreng le leng.
Kgaitsedi ya Makatikati e ne e sebetsa hokae? 
Bolela mabitso a baradi ba kgaitsedi ya Makatikati. 
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Mosadimoholo Madiepollo o ne a ahile motseng ofe? 
Ho ya ka kgopolo ya hao, lehlaba le neng le tshwenya mosadimoholo Madiepollo le ne le bakwa ke eng? Hobaneng o realo? 
Hoba Makatikati a fihle hae, mosadimoholo o ile a lla ha bohloko. utullotse maikutlo afe ho mosadimoholo? Sello see se 
Mantswe a Mmadiepollo puong ya hae a re bontsha hore mosadimoholo ke motho wa mofuta ofe ho tsa tumelo? 
Bolela dingongoreho tse pedi tse ileng tsa hlahiswa ke kgaitsedi ya Makatikati ka ngwanabo le mohatsae. 
Ha Makatikati a inyatsa mme a etsa tshepiso ya hore o tla nka batjhana ba hae ho ya dula le bona, mma bana bao o ile a ikarabela kaho reng qetong eo ya Makatikati? 
Bala qotso ena ka tlhoko o nto araba dipotso tse tla e latela.
Banna, anthe perekisi e monate ho feta lengangajane. Ruri ke sa tla phela." Hoba a realo yaba o se a leba dikgomong. Ha Makatikati a fihla hae a omanya mohatsae a ba a mo tshepisa le tsela. Mosadi enwa a utlwa a maketse hore na jwale ebe o se a entse eng ena e seng e bile e ka e etsa hore a lelekwe. Mosadi wa batho a tla a le bona, empa a iteta sefuba a botsa Makatikati hore na o mo tsekisa eng. Hona ho Makatikati ha se ke ha hlahisa lebaka hwa mpa hwa mo tlatsela. Ha e le Dieketseng mane moo a leng teng o ne a bua ka pelo. "Ra tla ra le bona rona nthwana tsa batho. Ekaba re ne re tlilo batlang moo. Na ke nna eo ke hobositsweng ka kgoboso eo ke hobositsweng ka yona? Ekaba re tla fihla ha nkgono jwang hona neneng? Ena taba ke lokela ho e jwetsa Tlalane." O toutile jwalo ho fihlela ba kena tlong. Ha a lokela ho bolella Tlalane tsa masimong a tjha ntshi.
Ha Makatikati a tla re "Banna, anthe perekisi e monate ho feta lengangajane. Ruri k sa tla phela." Ho ne ho etsahetse eng? 
Leano leo Makatikati a ileng a le sebedisa hore se etsahetseng seo boletseng ho 10.9 se se tsejwe ke lefe? o se 
Ho sebedisitswe mokgabisopuo ofe qotsong ee, "Banna, anthe perekisi e monate ho feta lengangajane''? 
Hlalosa se bolelang ka mantswe ana 'perekisi le lengangajane' ho ya ka karabo ya hao eo o e boletseng ho 10.11. 
Se neng se etsa hore Dieketseng a tsebiseetsahetseng, seo o se boletseng ho 10.9 ke sefe? mohatsa Makatikati ka se 
Ha mapolesa a fihla, Makatikati o ile a kena seaparong sa hae sa kereke. Qoqa mme o hlalose semelo sa Makatikati ka mela e meraro. 
Na diketsahalo tsa palekgutshwe ee di a kgolweha? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka le utlwahalang. 
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 35
KAROLO YA D: DITHOTHOKISO
Dithothokiso tseo mohlahlobuwa a ithutileng tsona: Araba dipotso dife le dife feela tse PEDI ho tse NNE (POTSO ya 11 - 14) tse botsitsweng karolong ena, ebang o ithutile dithothokiso selemong sena. Araba potso tse PEDI feela karolong ena.
Hopola hore o lokela ho araba dipotso tse PEDI ho tswa dikarolong tse PEDI feela. Ebang o se o arabile dipotso tse pedi dikarolong tse ka hodimo (potso e le nngwe ho KAROLO ya A, le e le nngwe ho KAROLO ya B kapa e le nngwe ho KAROLO ya C), se tswele pele ho araba dipotso karolong ena.
POTSO YA 11
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
Mpatliseng ke saretswe,
Ke hlomohile, ke dikgapha,
Rakgadi o kae?
Ntokolleng ke batle
Metseng ke suthise,
Rakgadi o kae?
Botsang dikerekeng
Botsang mabitleng,
Botsang baruti.
Hlakolang meokgo dikgutsana
Re lla bohle re saretswe,
Hona ha batho ba nyamella lonyeng,
O ile rakgadi Lejweleputswa.
Phetapheto ya mantswe (Epanalepsese) e fumanwa meleng efe? 
11.3.1 Ha ho na letshwao la ho bala qetellong ya molathothokiso wa 5. Tshebediso ee ya bokgabo ba bothothokisi e bitswa eng? 
Molemo wa tlhokeho ee ya letshwao la ho bala qetellong ya mola ke ofe thothokisong? Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
11.4.1 Nehelana ka molathothokiso o le mong moo lebotsi le fumanwang. 
Hlalosa bohlokwa ba tshebediso ya lebotsi molathothokisong oo o hlahisitseng karabong ya hao e ka hodimo (11.4.1). 
11.5.1 Kgefutsohare (sejura) e fumanwa molathothokisong ofe? 
Bolela bohlokwa ba tshebediso ya kgefutsohare (sejura) eo o e boletseng karabong eo ya hao e ka hodimo (11.5.1). 
Nehelana ka lentswelekgohledi molathothokisong wa 6. 
11.7.1 Kgokahano ya melathothokiso ya 10 - 12 e bitswang? 
Bolela mosebetsi wa kgokahano eo o e boletseng ka hodimo ho 11.7.1. 
KAPA
POTSO YA 12
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
HA KE KOPE TSHWARELO (Teboho J Mahapa)
Ha ke re o moloi ha o motho,
Wena ya neng a qhale kgotso ntlong eso,
Wena ya neng a hape eso ntlo sehloho,
Thoko wa re kgothometsa maralleng wa re lahlela.
Re hloka ya ho phoka boduma re mehofe,
Wena o hafa ka nkatana o morena,
Re a o sebeletsa o morui,
Ruri nna ha ke kope tshwarelo bana beso,
Ha ke re enwa motho lefu le a mo lokela,
Teleko naheng eso le yona e a mo lokela,
Wabo morabe o lokela ho metswa.
12.1.1 Thothokiso ena e nang le melathothokiso e leshome le metso e mene e bitswa eng? (½)
Nehelana ka letshwao le leng la mofuta ona wa thothokiso ntle le hore e na le mela e leshome le metso e mene. 
Ke lentswetsitsitseng? lefe le re tsebisang hore batho bana ba hloka le bodulo bo 
Qoholla molathothokisofutsanehile. o bolelang hore sethothokisi le ba habo sona ba 
Ho na le tatellano ya mantswe e sa tlwaelehang molathothokisong wa 4. bokgabo bona ba bothothokisi bo bitswang? Hana 
Bontsha ka bokgutshwane kamoo sethothokisi se hlahisitseng kganyetsano thothokisong ena. 
Bolela hore phetapheto ya moelelo e hlahella meleng efe o nto bolela hore ke mantswe afe a re bopelang mofuta ona wa phetapheto. 
Ke phetapheto ya mofuta melathothokisong ya 2 le 3? ofe eo sethothokisi se e sebedisitseng 
Tlohelo e hlahella lentsweng lefe molathothokisong wa 14? Lentswe leo le nang le tlohelo le baleha ka mokgwa ofe ha le feletse? 
Molemo wa tlohelo ke ofe thothokisong? [17½]
KAPA
POTSO YA 13
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
2 3 4 Meya e a feralla Pula tsa ruthutha. Lebatama la hlola lefatshe Ramasedi a re etela.
6 7 8 Lapeng la Kgatebe pehi ya dula, Batho kgotso ya fetoha maswabi, Ntate a bitswa hae kgotsong, A bitswa ke sa ikanya menwana.
10 11 12 Lefu la hlaba hwa fifala, La hlaba hona monateng lehlakoreng, La hlotha tshiya batho ba lla sa mokotsane, La qobella mme thapong tse ntsho,
14 15 16 Basotho ntate a ollwa mobung Ka polao e sehloho a oroswa. Thipa ya bolaya ka hlollwa, Joo! Lefu o sehloho.
Bolela hore thothokiso ena ke ya mofuta ofe mme o be o hlahise lebaka bakeng sa karabo ya hao. 
Bolela lebitso la sekapuo se sebedisitsweng qalehong ya melathothokiso ya 10, 11 le 12. 
Qoholla molathothokiso o hlalosang ho re sethothokisi sedilengwaneng tse tlase ha se ne se hlokahallwa. ne se sa le 
Qoholla molathothokiso oo ho ona ho hlahisitsweng tshwantshanyo kapa papiso. 
Qoholla lentswelekgohledi le hlahellang ho molathothokiso wa 2. Hobaneng ha lentswe leo le bitswa lentswelekgohledi. 
Ho ya ka kutlwisiso ya hao, o ka re ke hobaneng ha sethothokisi se re mma sona o ile a 'qobellwa thapong'? 
Ha ho letshwao la puo qetellong ya molathothokiso wa 13. letshwao la puo bo bitswa eng bongoding ba thothokiso? Bosiyo boo ba 
Bohlokwa ba bosiyo boo ba letshwao la puo qetellong ya molathothokiso wa 13 ke bofe? 
Ha ho thwe 'Lapeng la Kgatebe pehi ya dula'. Bolela lebitso la mokgabisopuo o bontshitsweng ka mongolo o ntshofaditsweng. 
Karaburetso e hlahellang molathothokisong wa 10 ke ya mofuta ofe? (1½) [17½]
KAPA
POTSO YA 14
Bala thothokiso ena ka tlhoko, ebe o araba dipotso tse tla e latela.
MMADIBERWANE (T Leballo)
2 3 4 5 6 Thabadimahlwa ha morena Mafafa, Thaba di mehodi habo kgotso le nala, Ho ne ho le teng pabala ya mosadi, Mahlo a le bophatswana ba lehodi, Meno a le bosowana e le phopi ya lebese, Nko e tjhorile jwalo ka nale ya motjhini.
8 9 10 11 12 Mosadi eo ka lebitso ke Mmadiberwane, Motho e le sentebale nonyana ya lewatle, Motho e le setshwana se moropotsana, Theka e ka la mmamodukule, Ngwana a rafohile a tshaba lefatshe, Ngwana e le seilatsatsi wa tshomong.
14 15 16 17 18 Mmadiberwane e ne e se sebapallo, E ne e se potele e kgwathwang ka lehlaka, O ne a tshajwa ke bana le ke bomma bona, A tshajwa ke basadi le banna ba bona, Mosadi o mo otla a mo tlole hodimo, Monna a mo diha a mo kotsame hodimo.
Sekapuo se sebedisitsweng molathothokisong wa 4 se bitswa eng? 
Sethothokisi se sebedisitse mantswe ana 'basadi le banna' molathothokisong wa 16. Sebetsa see sa bothothokisi se bitswa eng? 
Karaburetso e fumanwang molathothokisong wa 18 e bitswa eng? 
Qoholla mantswe a bopileng melathothokiso ya 1 le 2. phetapheto ya moelelo e hlahellang ho 
Qoholla lebitsomararane le fumanwang temeng ya pele, mme o be o bolele bohlokwa ba tshebediso ya lona. 
Bolela hore mofuta oo wa thothokiso o bitswa eng? 
Bolela letshwao le le leng leo mofuta ona wa thothokiso o tsejwang ka lona. 
Ha ho letshwao la ho puo qetellong ya molathothokiso wa 3. Bosiyo boo ba letshwao la puo bo bitswa eng bongoding ba thothokiso? Molemo wa bosiyo boo ba letshwao la puo qetellong ya molathothokiso wa 3 ke bofe? (3½)
Bolela mofuta wa phetapheto e hlahellang ho molathothokiso wa 11. mantswe afe a re bopelang phetapheto eo? Ke [17½]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D: 35
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70
